Kenya ka kariking ya ho reka Bontsha kariki ya ho reka  Bakeng sa tokoloho e felletseng ya ho kena o tshwanetse ho ngodisa. O se o e na le akh’aonto? Loka kahare
Help
Change language Southern Sotho (seSotho)

Mokgwa wa ho ba setho

New: Truffle trees Betula, Carya, Castanea, Corylus, Fagus, Quercus
New: Difate tse phelang nako e telele (Perennials)
New: Dihlahla le difate tse kgonang ho mamella serame: Corylus jacquemontii Shop (India)

Become a KPR member, and enjoy cheaper prices immediately. Register here.

Foromo ya Ngodiso ya Botho

Ke lakatsa ho ba setho sa KPR

O na le dipotso?

Ditaba bakeng sa ditho
Ho tloha ka Lwetse 2007 re qadile ho bulela batho bohle mamati hore e ka ba ditho sa KPR, leha ba sa kgone ho bua kapa ho utlwisisa puo ya Seslovak.
Ka selemo sa 2000 re ile ra qala mokhatlo wa rona re sebedisa puo ya Seslovak. Ho tloha ka nako eo batho ba bangata, ma-Slovakia le ma-Czechia, ba se ba ikopantse le rona ho ntshetsa pele mokgatlo.
Jwale le wena o ka fola melemo ya ho ba setho sa KPR, ho sa tsotelle hore na o mang kapa o bua puo efe.
Bohle ba nang le lerato la dimela ba ka ikopanye le rona hona jwale. Ikopanye le rona hang-hang!
Leha ho le jwalo ditaba tse seng monate ke tsa hore ditho tse ding tsa rona di ke ke tsa kgona ho bala jenale ya rona, e bitswang Botanix. Jenale ena e ngotswe ka dipuo tse mmalwa, tse sa utlwisisweng ke batho ba bangata-nyana. Ho iketsetsa molemo, ditho tse hlahang tikolohong e le nngwe di eletswa ho ipopa ngatana e le nngwe mme di iqalle Botanix ya bona. Seo di lokelang ho se etsa ke ingolla le ho bokeletsa lipalenyana tse hlasimollang tsa bolemi le dimela.
Ha ho na dipehelo bakeng sa kgotsofalo ya hao!
On the other hand, the growing information specifically meant for Slovak gardeners can not always be used in tropical areas and vice versa, thus the local language mutation of Botanix would be desirable.

Botho ba KPR ya Slovakia

Hobaneng o hloka ho ba setho sa KPR?

1. Ditho di kgona ho odara ka ditheko tse tlaase. Sheba mehlala e latelang. (Ha ho na dipehelo tse behwang.)

Theko bakeng sa ditho tsa KPR Theko bakeng sa batho bao e seng ditho %-discount
0,50 € 0,70 € 29%
0,70 € 0,90 € 22%
1,00 € 1,50 € 33%
3 € 4 € 25%

2. Selemo se seng le se seng ditho di ka ikgethela disampole tsa mahala, tse hlahang Bankeng ya Dipeo le Dimela ya KPR. Disampole tsohle ntle le tsa mahlaku, dipeo tsa Cycad le mefuta e ikgethileng ya dipeo di ya fumaneha. Ditho di boetse di fuwa theolelo ya 50% bakeng sa disampole tse ding. Tefello e dumelletsweng bakeng sa sampole ke Yuro e le nngwe, athe bakeng sa ditho ke 0,50 ya Yuro.

3. Diotara tsa ditho di lokiswa pele ho tsa bao e seng ditho.

4. Lemong sa temo ya dimela ditho di fumana ditherisano tsa mahala ka dipuo tse leshome le motso o mong.

5. Ha o le setho o kgona ho sebedisa ditshebeletso tsa akh’aonto ya Open.

Akh’aonto ya Open (Akh’aonto e bulehileng) - Lesedi ka Akh’aonto ya Open
Open Account
Mona KPR, akh’aonto ya Open ke tsela e bolokehileng ya ho reka. Seo o se etsang ke ho re romella tjhelete har’a nako feela. Mohla o batlang ho etsa otara, se re hula thjelete ya otara mono akh’aontong. Sena se re bolokela nako kaha ha re ya tlameha ho emela hore o patale otara, ebe le hona re tlo e lokisa mme re o romella yona. O ka dula o ntse o eketsa tjhelete akh’aontong ya hao ka ho sebedisa mekgwa ena e amohelehileng ya ho patala.
Nako yohle ha o batla ho eketsa tjhelete Open Akh’aontong ya hao, kenya nomoro ya hao e ikgethileng. Ka ho etsa jwalo o re thusa hore re kgone ho bona hore na sepheo sa hao sa ho patala ke sefe. Tjhelete e neng e ntse e le teng akh’aontong e ka sebediswa hang-hang ha e nngwe e qetwa ho eketswa. Ha ho na ditekanyetso bakeng sa ho kenya tjhelete akh’aontong.
Haeba o batla ho patalla odara ya hao ka tjhelete e setseng ka akh’aontong, o ka re tsebisa. Re romelle molaetsa ona o latelang: "Odara ya ka e tla patallwa ka nomoro ya ka ya Open Account. XXXXXXX". Odara e tla lokiswa mme e romellwe hang-hang ha e qeta ho patallwa.
Ha o hloka tjhelete e ka akh’aontong ya hao, re ka o buselletsa yona. Yona o ka e fumana kamorao ho matsatsi a mashome a tsheletseng, kamorao ho kenya kopo ya hao. Empa o tla tlameha ho patala ditjeo bakeng sa ho etsa hona. Ka hlakoreng le leng ha hona ditjeo tseo o di patalang ha re kgutlisa tjhelete ya hao ka PayPal. O tla boela o sa patadiswe letho ha tjhelete e kgutliswa ka tsamaiso ya banka ya lehae e kahare ho naha ya Slovakia le Czechia. Tjhelete e ngata eo o ka e patalang ha o kgutlisetswa tjhelete ka moneybookers.com ke 0, 50 Yuro. Se ke wa qea-qea ho ikopanya le rona ha o na le dipotso mabapi le ditjeo, kapa mekgwa e meng ya ho patala kahare ho dinaha tse ding.
Hlokomela: Tshebediso ya Open Account e tla o bolokela ditjeho diphethisong tsa tjhelete. O fetisetsa tjhelete akh’aontong ena ha nngwe feela. Kamorao ho etsa jwalo o se o ka patala diotara tsa hao tsohle ho tswa ho yona.

6. Haeba diotara tsa hao di feta Yuro tse mashome a robedi lemong sa 2010, o ka kgona ho etsa odara ya dipeo le dimela tsa boleng ba Yuro tse leshome mahala!

7. Annual lottery with prices of 50, 30, and 15 Euro free shopping with us!

. . . and many other advantages regarding which we will keep you informed.

Dipehelo tsa Botho

1. O hloka ho tlatsa < a href=". . /registration/">Foromo ya Ngodiso ya Botho e be o patala Yuro tse leshome bakang sa botho ya selemo pele ho 31 Motsheanong. Tjhelete ya botho e sebediswa ntshetsopeleng ya mesebetsi ya KPR lefaatsheng ka bophara.

Tjhelete ya botho bakeng sa 2010

(Botho bo sebetsa ho tloha 1 Mphalane 2009 ho fihlela 31 Tshitwe 2010)

Tjhelete ya selemo ya botho Selemo sa pele Nchafatso bakeng sa lemo se hlahlamang
10 Euro 5 Euro

2. Ha ho na sekepele se tlaase seo ditho se di behelwang bakeng sa diotara. Leha ho le jwalo ho kgothaletswa hore setho se etse bonyane ba odara tse pedi tse tswang nyehelong ya mokgatlo.

3. Ntle le tjhelete ya botho o ka boela wa ithaopela ho patala tjhelete e itseng. Yona e tla sebediswa ntshetsopeleng ya network ya KPR, kgutlong tse nne tsa lefaatshe.

O na le thahasello ya ho ba setho sa KPR? Ho bonolo! Ikopanye le rona kajeno. Tlatsa mona feela Foromo ya Ngodiso ya Botho.

Foromo ya Ngodiso ya Botho

Ke lakatsa ho ba setho sa KPR

O kentse ntho ena ka kariking ya hao.